24. a re: A o fela o le mora wa ka Esau na? A re: Ke yena.
25. Yaba o re: Ntlisetse, ke je se tsomilweng ke mora wa ka, mme moya wa ka o o hlohonolofatse. Jwale a mo tlisetsa, mme a ja; a ba a mo tlisetsa veine, a nwa.
26. Isaaka, ntatae, a re ho yena: Atamela jwale, o nkake, mora wa ka.
27. Yaba o atamela, a mo aka. Isaaka a utlwa monko wa diaparo tsa hae, a mo hlohonolofatsa, a re: Bona, monko wa mora wa ka o jwaloka monko wa tshimo eo Jehova a e hlohonolofaditseng!
28. Modimo o ke o o fe phoka ya lehodimo le lefura la lefatshe, le nala ya koro le ya veine!
29. Ditjhaba di ke di o sebeletse, merabe e iname tlasa hao! O be morena wa banabeno, mme bara ba mmao ba iname pela hao! Ho rohakwe ya o rohakang, mme ho hlohonolofatswe ya o hlohonolofatsang!
30. Yare Isaaka ha a sa tswa qeta ho hlohonolofatsa Jakobo, mme Jakobo a sa tswa tswa pontsheng ya Isaaka, ntatae, Esau, moholwane wa hae, a fihla a etswa tsholong.
31. Le yena a lokisa nama e hlabosang, a e tlisa ho ntatae, a re ho ntatae: Ntate a ke a tsohe, a je se tsomilweng ke mora hae, hore moya wa hao o ntlhohonolofatse.
32. Isaaka, ntatae, a re ho yena: o mang na? A re: Ke nna Esau, mora wa hao wa letsibolo.
33. Yaba Isaaka o a nyaroha, a tshoha haholo ka ho fetisisa, a re: Ke mang ya tsomileng phoofolo, a e tlisa ho nna, mme ka ja tsohle o eso ho tle, ka ba ka mo hlohonolofatsa, mme o tla fela a hlohonolofale?
34. Yare ha Esau a utlwa mantswe a ntatae, a meketsa ka lentswe le leholo le bohloko ka ho fetisisa, a re ho ntatae: Oho, ntlhohonolofatse le nna, ntate!
35. A re: Moenao o tlile ka mano, o inketse lehlohonolo la hao.
36. A re: Na ha a rewa lebitso la Jakobo? Ke enwa, o nthetsitse habedi: o nkamohile boholwane ba ka, mme bona, le jwale o nkamohile lehlohonolo la ka! A eketsa a re: Na ha o a ka wa mpolokela lehlohonolo na?
37. Isaaka a arabela Esau, a re: Bona, ke mo entse morena wa hao, mme ke mo neile banababo kaofela hore e be bahlanka ba hae; ke bile ke mo babaletse le ka koro le veine; mme jwale wena, nka o neang, mora wa ka?
38. Esau a re ho ntatae: A ke yona hlohonolofatso ya hao e nnotshi, ntate? Oho, ntlhohonolofatse le nna, ntate! Yaba Esau o phahamisa lentswe la hae, a lla.
39. Isaaka, ntatae, a mo arabela, a re ho yena: Bona, moaho wa hao o tla hloka lefura la lefatshe, le phoka ya lehodimo e tswang hodimo.