Genese 27:19-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Jakobo a re ho ntatae: Ke nna Esau, letsibolo la hao; ke entse kamoo o ntaetseng kateng; tsoha he, o dule, o je se tsomilweng ke nna, moya wa hao o tle o ntlhohonolofatse.

20. Isaaka a re ho mora hae: O phakisitse hakaakang ho se fumana, mora wa ka! A re: Ke hoba Jehova, Modimo wa hao, a se tlisitse pela ka.

21. Isaaka a re ho Jakobo: Ako atamele, ke o phopholetse, mora wa ka, ke tle ke tsebe hore na o fela o le mora wa ka Esau, kapa ha o yena.

22. Yaba Jakobo o atamela Isaaka, ntatae, mme eo a mo phopholetsa, a re: Lentswe ke lentswe la Jakobo, empa matsoho ke matsoho a Esau.

23. Ha a ka a mo lemoha, hobane matsoho a hae a ne a le mohwete jwaloka matsoho a Esau, moholwane wa hae; yaba o a mo hlohonolofatsa,

24. a re: A o fela o le mora wa ka Esau na? A re: Ke yena.

25. Yaba o re: Ntlisetse, ke je se tsomilweng ke mora wa ka, mme moya wa ka o o hlohonolofatse. Jwale a mo tlisetsa, mme a ja; a ba a mo tlisetsa veine, a nwa.

26. Isaaka, ntatae, a re ho yena: Atamela jwale, o nkake, mora wa ka.

27. Yaba o atamela, a mo aka. Isaaka a utlwa monko wa diaparo tsa hae, a mo hlohonolofatsa, a re: Bona, monko wa mora wa ka o jwaloka monko wa tshimo eo Jehova a e hlohonolofaditseng!

28. Modimo o ke o o fe phoka ya lehodimo le lefura la lefatshe, le nala ya koro le ya veine!

29. Ditjhaba di ke di o sebeletse, merabe e iname tlasa hao! O be morena wa banabeno, mme bara ba mmao ba iname pela hao! Ho rohakwe ya o rohakang, mme ho hlohonolofatswe ya o hlohonolofatsang!

30. Yare Isaaka ha a sa tswa qeta ho hlohonolofatsa Jakobo, mme Jakobo a sa tswa tswa pontsheng ya Isaaka, ntatae, Esau, moholwane wa hae, a fihla a etswa tsholong.

31. Le yena a lokisa nama e hlabosang, a e tlisa ho ntatae, a re ho ntatae: Ntate a ke a tsohe, a je se tsomilweng ke mora hae, hore moya wa hao o ntlhohonolofatse.

Genese 27