13. Mmae a re ho yena: Thohako e ka tlang ho wena a e be hodima ka, mora wa me; wena empa, mamela lentswe la me, o tsamaye, o ntshwarele tsona.
14. Yaba o a ya, a di nka, a di tlisa ho mmae, mme mmae a apeha nama e hlabosang, kamoo ntatae a e ratang kateng.
15. Rebeka a ba a nka diaparo tse ntle tsa Esau, mora wa hae wa letsibolo, tse leng ho yena ka tlung, a apesa Jakobo mora wa hae e monyenyane, ka tsona.
16. A apesa matsoho a hae le moo ho leng lehwete molaleng wa hae, ka matlalo a dipotsanyane.
17. A bea nama e hlabosang le bohobe boo a bo apehileng diatleng tsa Jakobo, mora hae.
18. Yaba o ya ho ntatae, a re: Ntate! A re: Ke nna enwa; o mang, mora ka?
19. Jakobo a re ho ntatae: Ke nna Esau, letsibolo la hao; ke entse kamoo o ntaetseng kateng; tsoha he, o dule, o je se tsomilweng ke nna, moya wa hao o tle o ntlhohonolofatse.
20. Isaaka a re ho mora hae: O phakisitse hakaakang ho se fumana, mora wa ka! A re: Ke hoba Jehova, Modimo wa hao, a se tlisitse pela ka.
21. Isaaka a re ho Jakobo: Ako atamele, ke o phopholetse, mora wa ka, ke tle ke tsebe hore na o fela o le mora wa ka Esau, kapa ha o yena.
22. Yaba Jakobo o atamela Isaaka, ntatae, mme eo a mo phopholetsa, a re: Lentswe ke lentswe la Jakobo, empa matsoho ke matsoho a Esau.
23. Ha a ka a mo lemoha, hobane matsoho a hae a ne a le mohwete jwaloka matsoho a Esau, moholwane wa hae; yaba o a mo hlohonolofatsa,
24. a re: A o fela o le mora wa ka Esau na? A re: Ke yena.
25. Yaba o re: Ntlisetse, ke je se tsomilweng ke mora wa ka, mme moya wa ka o o hlohonolofatse. Jwale a mo tlisetsa, mme a ja; a ba a mo tlisetsa veine, a nwa.