1. Yare hobane Isaaka a tsofale, mme mahlo a hae a sitwe ho bona, a bitsa Esau, mora wa hae e moholo, a re ho yena: Mora ka! A re: Ke nna enwa.
2. Isaaka a re: Bona hle, ke tsofetse, mme ha ke tsebe letsatsi leo ke tlang ho shwa ka lona.
3. Ka baka leo, ako nke jwale dibetsa tsa hao, kgohlopo ya hao le seqha sa hao, o ye naheng, o ntsomele phoofolo;
4. o nketsetse nama e hlabosang, eo ke e ratang, o ntlisetse yona, ke je, moya wa ka o tle o o hlohonolofatse, ke eso ho shwe.
5. Kanthe Rebeka o ne a ntse a utlwa ha Isaaka a bolella Esau, mora hae. Yaba Esau o ya naheng ho ya tsoma phoofolo eo a tlang ho e tlisa.
6. Yaba Rebeka o bua le Jakobo, mora hae, a re: Bona, ke utlwile ntatao a bolella Esau, ngwaneno, a re:
7. Ako ntlisetse phoofolo, o nkapehele nama e hlabosang, ke tle ke e je, mme ke o hlohonolofatse pela Jehova, ke eso ho shwe.
8. Jwale, mora wa me, mamela lentswe la ka kamoo ke tlang ho o laela kateng.
9. Eya mohlapeng, o ntshwarele teng dipotsanyane tse pedi tse ntle, mme ke tla lokisetsa ntatao nama, e hlabosang ka tsona, kamoo a e ratang kateng.
10. O tla e isa ho ntatao a tle a e je, a o hlohonolofatse, a eso ho shwe.