Genese 26:9-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Yaba Abimeleke o bitsa Isaaka, a re: Bona, kannete motho eo ke mosadi, wa hao; ke ka baka lang ha o itse: Enwa ke kgaitsedi ya ka? Isaaka a re ho yena: Ke hobane ke itse mohlomong nka bolawa ka baka la hae.

10. Abimeleke a re: O re etseditseng taba eo? Hle! motho e mong o ba a ka robala le mosadi wa hao, mme wa re tlama ka molato!

11. Yaba Abimeleke o laela setjhaba kaofela hore: Ya ka amang monna enwa, kapa mosadi wa hae, o tla bolawa.

12. Isaaka a lema naheng eo, a kotula ha lekgolo ka selemo seo; mme Jehova a mo fa lehlohonolo.

13. Motho eo a ba moholo, a tsamaya a ntse a hola, ho fihlela a eba moholoholo.

14. A rua mehlape ya manku, le mehlape ya makgomo, le bahlanka ba bangata, Bafilesta ba ba ba mo honohela.

15. Didiba tsohle tse neng di tjhekilwe ke bahlanka ba ntatae, mehleng ya Abrahama, ntatae, Bafilesta ba di thiba, ba di kata ka mobu.

16. Yaba Abimeleke o re ho Isaaka: Tloha ho rona, hobane o matlafetse ho fetisa rona haholo.

17. Yaba Isaaka o tloha teng a hloma ditente tsa hae sekgutlong sa Gerare, mme a aha teng.

18. Isaaka a boela a tjheka didiba tse neng di tjhekilwe mehleng ya Abrahama, ntatae, hobane Bafilesta ba ne ba di katile, hoba Abrahama a shwe; a boela a di rea mabitso ao di neng di reilwe wona ke ntatae.

Genese 26