3. Dula naheng ena, mme ke tla ba le wena, ke o hlohonolofatse, hobane dinaha tsena kaofela ke tla di nea wena le ditloholo tsa hao, ke tiise kano eo ke e anetseng Abrahama, ntatao.
4. Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa hao, di be ka ka dinaledi tsa lehodimo; dinaha tsena kaofela ke tla di nea ditloholo tsa hao, mme ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofalla molokong wa hao,
5. ka baka la hobane Abrahama a utlwile lentswe la ka, mme a bolokile mekgwa ya ka, le ditaelo tsa ka, le ditaolo tsa ka, le melao ya ka.
6. Yaba Isaaka o dula Gerare.
7. Ha batho ba motse ba mmotsa hodima mosadi wa hae, a re: Ke kgaitsedi ya ka, hobane o ne a tshaba ho re: Ke mosadi wa ka, e tle e se ke ya re mohlomong batho ba motse ba mmolaya ka baka la Rebeka, hobane a ne a le motle ho tadingweng.
8. Yare ha Isaaka a se a ahetse teng haleletsana, Abimeleke, morena wa Bafilesta, a tadima ka fenetere, mme a tshoha a bona Isaaka a ntse a bapala le Rebeka, mosadi wa hae.
9. Yaba Abimeleke o bitsa Isaaka, a re: Bona, kannete motho eo ke mosadi, wa hao; ke ka baka lang ha o itse: Enwa ke kgaitsedi ya ka? Isaaka a re ho yena: Ke hobane ke itse mohlomong nka bolawa ka baka la hae.
10. Abimeleke a re: O re etseditseng taba eo? Hle! motho e mong o ba a ka robala le mosadi wa hao, mme wa re tlama ka molato!
11. Yaba Abimeleke o laela setjhaba kaofela hore: Ya ka amang monna enwa, kapa mosadi wa hae, o tla bolawa.
12. Isaaka a lema naheng eo, a kotula ha lekgolo ka selemo seo; mme Jehova a mo fa lehlohonolo.
13. Motho eo a ba moholo, a tsamaya a ntse a hola, ho fihlela a eba moholoholo.
14. A rua mehlape ya manku, le mehlape ya makgomo, le bahlanka ba bangata, Bafilesta ba ba ba mo honohela.
15. Didiba tsohle tse neng di tjhekilwe ke bahlanka ba ntatae, mehleng ya Abrahama, ntatae, Bafilesta ba di thiba, ba di kata ka mobu.
16. Yaba Abimeleke o re ho Isaaka: Tloha ho rona, hobane o matlafetse ho fetisa rona haholo.
17. Yaba Isaaka o tloha teng a hloma ditente tsa hae sekgutlong sa Gerare, mme a aha teng.
18. Isaaka a boela a tjheka didiba tse neng di tjhekilwe mehleng ya Abrahama, ntatae, hobane Bafilesta ba ne ba di katile, hoba Abrahama a shwe; a boela a di rea mabitso ao di neng di reilwe wona ke ntatae.
19. Bahlanka ba Isaaka ba tjheka sekgutlong, ba fumana teng sediba sa metsi a kollang.
20. Empa badisa ba Gerare ba tsekisana le badisa ba Isaaka, ba re: Metsi ana ke a rona. Yaba o rea sediba seo lebitso le Eseke (tseko), kahobane ba tsekisane le yena.
21. Ba tjheka sediba se seng, empa le sona sa tsekwa; yaba o se rea lebitso la Sitna (molwantshi).