19. Bahlanka ba Isaaka ba tjheka sekgutlong, ba fumana teng sediba sa metsi a kollang.
20. Empa badisa ba Gerare ba tsekisana le badisa ba Isaaka, ba re: Metsi ana ke a rona. Yaba o rea sediba seo lebitso le Eseke (tseko), kahobane ba tsekisane le yena.
21. Ba tjheka sediba se seng, empa le sona sa tsekwa; yaba o se rea lebitso la Sitna (molwantshi).
22. Yaba o tloha teng, a tjheka sediba se seng, mme sona ha se a ka sa tsekwa, mme a se rea lebitso la Rehobothe (sebaka), a re: Jwale, Jehova o re etseditse sebaka, mme re tla ata lefatsheng.
23. A tloha teng, a ya Beerseba.
24. Yaba Jehova o iponahatsa ho yena ka bona bosiu boo, a re: Ke nna Modimo wa Abrahama, ntatao; se tshabe, hobane ke na le wena; ke tla o hlohonolofatsa, ke atise ditloholo tsa hao ka baka la Abrahama, mohlanka wa ka.
25. Isaaka a haha aletere teng, a rapela lebitso la Jehova; a ba a hloma tente ya hae teng, mme bahlanka ba hae ba tjheka sediba teng.
26. Yaba Abimeleke o theoha Gerare, a tla ho yena, a na le Akusathe, motswalle wa hae, le Pikole, molaodi wa makgotla a hae.
27. Isaaka a re ho bona: Ke ka baka lang ha le tlile ho nna, haele moo le ntlhoile, mme le ntelekile habo lona?
28. Ba re: Ke kahobane re bona kannete hoba Jehova o na le wena, mme re re: Kano e ke e be teng pakeng tsa rona le wena, re hlabe selekane le wena,
29. sa ho re, o ke ke wa re etsa hampe, jwalokaha le rona re sa ka ra o ama, le jwalokaha re o etseditse molemo feela, ra ba ra o kgutlisa ka kgotso, mme ke mona o sa ntse o le mohlohonolofatsuwa wa Jehova.
30. Yaba o ba etsetsa mokete, ba eja, ba enwa.
31. Ba ntano tsoha ka meso, ba hlapanyetsana; yaba Isaaka o a ba kgutlisa, ba tloha ho yena ka kgotso.
32. Ka lona tsatsi leo, bahlanka ba Isaaka ba tla, ba mo tsebisa taba ya sediba seo ba neng ba ntse ba se tjheka, ba re ho yena: Re fumane metsi.
33. A se bitsa Seba (hlapanyo); ka baka leo, lebitso la motse oo wa eba Beerseba (sediba sa hlapanyo), ho fihlela la kajeno.
34. Esau e ne e le motho ya dilemo tse mashome a mane, mme a nyala Judithe, moradi wa Beeri, Mohethe, le Basmathe, moradi wa Elone, Mohethe.
35. Bao e bile bohloko pelong tsa Isaaka le Rebeka.