Genese 26:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jwale tlala ya boela ya eba teng lefatsheng leo, kantle ho tlala ya pele e bileng teng mehleng ya Abrahama; Isaaka a fallela Gerare, ha Abimeleke, morena wa Bafilesta.

2. Yaba Jehova o iponahatsa ho yena, a re: O se ke wa theohela Egepeta, o mpe o sale naheng eo ke tla o bolella yona.

3. Dula naheng ena, mme ke tla ba le wena, ke o hlohonolofatse, hobane dinaha tsena kaofela ke tla di nea wena le ditloholo tsa hao, ke tiise kano eo ke e anetseng Abrahama, ntatao.

4. Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa hao, di be ka ka dinaledi tsa lehodimo; dinaha tsena kaofela ke tla di nea ditloholo tsa hao, mme ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofalla molokong wa hao,

5. ka baka la hobane Abrahama a utlwile lentswe la ka, mme a bolokile mekgwa ya ka, le ditaelo tsa ka, le ditaolo tsa ka, le melao ya ka.

6. Yaba Isaaka o dula Gerare.

7. Ha batho ba motse ba mmotsa hodima mosadi wa hae, a re: Ke kgaitsedi ya ka, hobane o ne a tshaba ho re: Ke mosadi wa ka, e tle e se ke ya re mohlomong batho ba motse ba mmolaya ka baka la Rebeka, hobane a ne a le motle ho tadingweng.

8. Yare ha Isaaka a se a ahetse teng haleletsana, Abimeleke, morena wa Bafilesta, a tadima ka fenetere, mme a tshoha a bona Isaaka a ntse a bapala le Rebeka, mosadi wa hae.

9. Yaba Abimeleke o bitsa Isaaka, a re: Bona, kannete motho eo ke mosadi, wa hao; ke ka baka lang ha o itse: Enwa ke kgaitsedi ya ka? Isaaka a re ho yena: Ke hobane ke itse mohlomong nka bolawa ka baka la hae.

Genese 26