6. Empa haele bara ba basadi ba bang, bao Abrahama a neng a na le bona, Abrahama a ba abela dimpho, mme a ba tlosa pela Isaaka, mora hae, a sa ntse a phela, a ba isa ka nqa botjhabela, naheng ya Botjhabela.
7. Ditshiu tsa bophelo ba Abrahama tseo a phetseng ka tsona, ke tsena: ke dilemo tse lekgolo le mashome a supileng a metso e mehlano.
8. Abrahama a neela moya, a shwa botsofading bo botle, a hodile ho kgodisang; mme a orohela setjhabeng sa habo.
9. Isaaka le Ishmaele, bara ba hae, ba mo pata lehaheng la Makpela, tshimong ya Efrone, mora Tsohare, Mohethe, e pela Mamre.
10. Tshimo eo ke eo Abrahama a neng a e rekile ho bara ba Hethe: ya eba moo Abrahama a patwang teng le Sara, mosadi wa hae.
11. Yare Abrahama ha a se a shwele, Modimo wa nna wa hlohonolofatsa Isaaka, mora hae; mme a aha sedibeng sa Lakai-roi.
12. Ke tsena ditloholo tsa Ishmaele, mora Abrahama, eo Agare, Moegepeta, lekgabunyane la Sara, a mo tswaletseng Abrahama.
13. Mabitso a bara ba Ishmaele, ka lenaneo la bona, ka ho tswalwa ha bona, ke wona ana: Ke Nebajothe, letsibolo la Ishmaele, le Kedare, le Adbeele, le Mibsame,
14. le Mishma, le Duma, le Masa,
15. le Hadade, le Thema, le Jethure, le Nafishe, le Kedma.
16. Ke bona bao bara ba Ishmaele, ke ao mabitso a bona ka metse ya bona, le ka meaho ya bona, mahosana a leshome le metso e mmedi a ditjhaba tsa wona.
17. Dilemo tsa bophelo ba Ishmaele ke tsena: e bile dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng, mme a neela moya, a shwa, a orohela setjhabeng sa habo.
18. Ba lesika la hae ba ahela ho nka Havila ho isa Shure e pela Egepeta ka nqa Asiria; Ishmaele a aha jwalo pontsheng ya banababo kaofela.
19. Ke tsena ditloholo tsa Isaaka, mora Abrahama. Abrahama o ne a tswale Isaaka.
20. Isaaka o ne a na le dilemo tse mashome a mane ha a nyala Rebeka, moradi wa Bethuele, Moarame wa Paddan-Arame, kgaitsedi ya Labane, Moarame.