Genese 25:4-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Bara ba Midiane ke Efa, le Efere, le Henoke, le Abida, le Eldaa: bohle bao ke bara ba Ketura.

5. Abrahama a abela Isaaka tsohle tseo a nang le tsona.

6. Empa haele bara ba basadi ba bang, bao Abrahama a neng a na le bona, Abrahama a ba abela dimpho, mme a ba tlosa pela Isaaka, mora hae, a sa ntse a phela, a ba isa ka nqa botjhabela, naheng ya Botjhabela.

7. Ditshiu tsa bophelo ba Abrahama tseo a phetseng ka tsona, ke tsena: ke dilemo tse lekgolo le mashome a supileng a metso e mehlano.

8. Abrahama a neela moya, a shwa botsofading bo botle, a hodile ho kgodisang; mme a orohela setjhabeng sa habo.

9. Isaaka le Ishmaele, bara ba hae, ba mo pata lehaheng la Makpela, tshimong ya Efrone, mora Tsohare, Mohethe, e pela Mamre.

10. Tshimo eo ke eo Abrahama a neng a e rekile ho bara ba Hethe: ya eba moo Abrahama a patwang teng le Sara, mosadi wa hae.

11. Yare Abrahama ha a se a shwele, Modimo wa nna wa hlohonolofatsa Isaaka, mora hae; mme a aha sedibeng sa Lakai-roi.

12. Ke tsena ditloholo tsa Ishmaele, mora Abrahama, eo Agare, Moegepeta, lekgabunyane la Sara, a mo tswaletseng Abrahama.

Genese 25