12. Ke tsena ditloholo tsa Ishmaele, mora Abrahama, eo Agare, Moegepeta, lekgabunyane la Sara, a mo tswaletseng Abrahama.
13. Mabitso a bara ba Ishmaele, ka lenaneo la bona, ka ho tswalwa ha bona, ke wona ana: Ke Nebajothe, letsibolo la Ishmaele, le Kedare, le Adbeele, le Mibsame,
14. le Mishma, le Duma, le Masa,
15. le Hadade, le Thema, le Jethure, le Nafishe, le Kedma.
16. Ke bona bao bara ba Ishmaele, ke ao mabitso a bona ka metse ya bona, le ka meaho ya bona, mahosana a leshome le metso e mmedi a ditjhaba tsa wona.
17. Dilemo tsa bophelo ba Ishmaele ke tsena: e bile dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng, mme a neela moya, a shwa, a orohela setjhabeng sa habo.
18. Ba lesika la hae ba ahela ho nka Havila ho isa Shure e pela Egepeta ka nqa Asiria; Ishmaele a aha jwalo pontsheng ya banababo kaofela.
19. Ke tsena ditloholo tsa Isaaka, mora Abrahama. Abrahama o ne a tswale Isaaka.
20. Isaaka o ne a na le dilemo tse mashome a mane ha a nyala Rebeka, moradi wa Bethuele, Moarame wa Paddan-Arame, kgaitsedi ya Labane, Moarame.
21. Isaaka a rapela Jehova bakeng sa Rebeka, mosadi wa hae, hobane e ne e le nyopa; Jehova a utlwa thapelo ya hae, mme Rebeka, mosadi wa hae, a emola.
22. Mafahla a ne a thala maleng a hae; yaba o re: Ha ho le jwalo, taba eo e ntlhahellang? Yaba o ya botsa Jehova.
23. Jehova a re ho yena: Ditjhaba tse pedi di ka popelong ya hao; mefuta e mmedi e tla ikarohanya e etswa maleng a hao, setjhaba se tla hlola setjhaba se seng, mme e moholo o tla sebeletsa e monyenyane.
24. Ditshiu tsa hae tsa ho beleha ha di phethahala, a tshoha mafahla a le popelong ya hae;