1. Abrahama a boela a nka mosadi, lebitso la hae e le Ketura.
2. Mosadi eo a mo tswalla Simrane, le Jokshane, le Medane, le Midiane, le Jishbake, le Shua.
3. Jokshane a tswala Seba le Dedane; bara ba Dedane ya eba Baashurime, le Baletushime, le Baleummime.
4. Bara ba Midiane ke Efa, le Efere, le Henoke, le Abida, le Eldaa: bohle bao ke bara ba Ketura.
5. Abrahama a abela Isaaka tsohle tseo a nang le tsona.
6. Empa haele bara ba basadi ba bang, bao Abrahama a neng a na le bona, Abrahama a ba abela dimpho, mme a ba tlosa pela Isaaka, mora hae, a sa ntse a phela, a ba isa ka nqa botjhabela, naheng ya Botjhabela.
7. Ditshiu tsa bophelo ba Abrahama tseo a phetseng ka tsona, ke tsena: ke dilemo tse lekgolo le mashome a supileng a metso e mehlano.
8. Abrahama a neela moya, a shwa botsofading bo botle, a hodile ho kgodisang; mme a orohela setjhabeng sa habo.
9. Isaaka le Ishmaele, bara ba hae, ba mo pata lehaheng la Makpela, tshimong ya Efrone, mora Tsohare, Mohethe, e pela Mamre.