Genese 24:61-67 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

61. Rebeka a tloha le makgabunyane a hae, mme ba palama dikamele, ba sala monna eo morao; mme mohlanka a nka Rebeka, a tsamaya.

62. Isaaka o ba a kgutla a etswa sedibeng sa Lakai-roi, hobane o ne a ahile naheng ya Borwa.

63. Isaaka o ne a tswetse naheng ho ya imamela haele mantsiboya, mme a emisa mahlo a hae, a tshoha a bona dikamele di etla.

64. Rebeka le yena a emisa mahlo a hae, a bona Isaaka; yaba o tlholoha kamele,

65. hobane o ne a itse ho mohlanka: Monna elwa ke mang, ya tsamayang naheng, ya lebileng ho rona? Mohlanka a re: Ke mong a ka. Yaba Rebeka o nka lesira, a ikwahela.

66. Mohlanka a tsebisa Isaaka ditaba tsohle tseo a di entseng.

67. Jwale Isaaka a isa Rebeka ka tenteng ya Sara, mmae, a mo nka hore e be mosadi wa hae, a mo rata; mme Isaaka a tshediseha bakeng sa mmae.

Genese 24