60. Ba hlohonolofatsa Rebeka, ba re ho yena: Oho, kgaitsedi ya rona, o be mma dikete tsa diketekete, mme ditloholo tsa hao di rue dikgoro tsa dira tsa tsona!
61. Rebeka a tloha le makgabunyane a hae, mme ba palama dikamele, ba sala monna eo morao; mme mohlanka a nka Rebeka, a tsamaya.
62. Isaaka o ba a kgutla a etswa sedibeng sa Lakai-roi, hobane o ne a ahile naheng ya Borwa.
63. Isaaka o ne a tswetse naheng ho ya imamela haele mantsiboya, mme a emisa mahlo a hae, a tshoha a bona dikamele di etla.
64. Rebeka le yena a emisa mahlo a hae, a bona Isaaka; yaba o tlholoha kamele,
65. hobane o ne a itse ho mohlanka: Monna elwa ke mang, ya tsamayang naheng, ya lebileng ho rona? Mohlanka a re: Ke mong a ka. Yaba Rebeka o nka lesira, a ikwahela.