Genese 24:5-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Yaba mohlanka o re ho yena: Ekaba mohlomong mosadi a ke ke a dumela ho ntshala morao, ho tla naheng ena; hleka ke tla boela ke kgutlisetse mora wa hao naheng eo o tswileng ho yona na?

6. Abrahama a re ho yena: O se ke wa ba wa leka ho kgutlisetsa mora wa ka teng.

7. Jehova, Modimo wa mahodimo, ya ntlositseng tlung ya ntate le lefatsheng la banabeso, ya buileng le nna, ya nlthapanyeditseng, a re: Lesika la hao ke tla le nea naha ena; ke yena ya tlang ho roma lengeloi la hae pele ho wena, mme o tla nkela mora wa ka mosadi teng.

8. Ekare ha mosadi a sa rate ho o sala morao, etlaba o lokolohile kanong ena ya ka; empa feela, mora wa ka o se ke wa mo kgutlisetsa kwana.

9. Yaba mohlanka o bea seatla sa hae katlasa serope sa Abrahama, mong a hae, a mo anela taba eo.

10. Yaba mohlanka o nka dikamele tse leshome ho dikamele tsa mong a hae, a tsamaya; etswe dintho tsohle tsa mong a hae di ne di le diatleng tsa hae; a tloha, a ya Mesopotamia, motseng wa Nakore.

11. Teng a kgumamisa dikamele kantle ho motse, pela sediba sa metsi, nakong ya mantsiboya, motsotsong oo basadi ba tswelang ho kga metsi.

12. Yaba o re: Jehova, Modimo wa Abrahama, mong a ka, ako mphihlisetse botle kajeno, mme o etsetse Abrahama, mong a ka, ka mohau.

13. Bona, ke eme pela sediba sa metsi, mme baradi ba batho ba motse ba ya tswela ho kga metsi.

14. A e ke e re, morwetsana eo ke reng ho yena: Ako kokobetse nkgo ya hao, nke ke nwe, mme a re: Nwa, mme ke tla nosa le dikamele tsa hao, e ke e be yena eo o mo laoletseng Isaaka, mohlanka wa hao, mme ke tle ke tsebe kahoo hobane o etseditse mong a ka ka mohau.

Genese 24