47. Ka ntoo mmotsa, ka re: O moradi wa mang? A re: Ke moradi wa Bethuele, mora Nakore, eo a mo tswaletsweng ke Milka. Yaba ke kenya lesale nkong ya hae, ka mo rwesa, le mefitshana matsohong a hae.
48. Ka inama, ka kgumamela Jehova; ka boka Jehova, Modimo wa mong a ka Abrahama, ya ntsamaisitseng ka tsela e lokileng, ke tle ke nkele mora mong a ka moradi wa banababo.
49. Mme jwale, ha ekaba le fela le rata ho etsetsa mong a ka ka lerato le ka botshepehi, mpolelleng; kapa ho seng jwalo, le teng le mpolelle, ke tle ke tsebe ho leba ho le letona, kapa ho le letshehadi.
50. Yaba Labane le Bethuele ba araba, ba re: Taba ena e tswa ho Jehova; re sitwa ho o arabela hampe kapa hantle.
51. Bona, Rebeka o pela hao, mo nke, o ye le yena, e be mosadi wa mora mong a hao, kamoo Jehova a boletseng kateng.
52. Yare ha mohlanka wa Abrahama a utlwa ditaba tsa bona, a kgumama fatshe pela Jehova.
53. Yaba mohlanka o ntsha mekgabo ya silefera, le mekgabo ya kgaura, le meaparo, a e nea Rebeka; mme a nea kgaitsedie le mmae mesebetsi ya bohlokwa.
54. Ba eja, ba enwa, yena le batho ba nang le yena, ba ba ba robala. Ka meso, mohlanka a tsoha, a re: Nkgutlisetseng ho mong a ka.
55. Empa kgaitsedi ya Rebeka le mmae ba re: Morwetsana ha a a ke a due ditshiu le rona, leha di le leshome, a ntano tsamaya.
56. A re ho bona: Le se ke la ntiehisa; Jehova o atlisitse tsela ya ka, ntokolleng, ke tle ke boele ho mong a ka.
57. Yaba ba re: Re tla bitsa morwetsana, re mmotse molomo wa hae.
58. Yaba ba bitsa Rebeka, ba re ho yena: A o tla ya le monna enwa na? A re: Ke tla ya.
59. Yaba ba lokolla Rebeka, kgaitsedi ya bona, le mofepi wa hae, le mohlanka wa Abrahama, le batho ba hae.
60. Ba hlohonolofatsa Rebeka, ba re ho yena: Oho, kgaitsedi ya rona, o be mma dikete tsa diketekete, mme ditloholo tsa hao di rue dikgoro tsa dira tsa tsona!
61. Rebeka a tloha le makgabunyane a hae, mme ba palama dikamele, ba sala monna eo morao; mme mohlanka a nka Rebeka, a tsamaya.
62. Isaaka o ba a kgutla a etswa sedibeng sa Lakai-roi, hobane o ne a ahile naheng ya Borwa.
63. Isaaka o ne a tswetse naheng ho ya imamela haele mantsiboya, mme a emisa mahlo a hae, a tshoha a bona dikamele di etla.