46. Yaba o phakisa a kokobeletsa nkgo ya hae lehetleng la hae, a re: Nwa, mme ke tla nosa le dikamele tsa hao. Yaba ke a nwa, mme a nosa le dikamele.
47. Ka ntoo mmotsa, ka re: O moradi wa mang? A re: Ke moradi wa Bethuele, mora Nakore, eo a mo tswaletsweng ke Milka. Yaba ke kenya lesale nkong ya hae, ka mo rwesa, le mefitshana matsohong a hae.
48. Ka inama, ka kgumamela Jehova; ka boka Jehova, Modimo wa mong a ka Abrahama, ya ntsamaisitseng ka tsela e lokileng, ke tle ke nkele mora mong a ka moradi wa banababo.
49. Mme jwale, ha ekaba le fela le rata ho etsetsa mong a ka ka lerato le ka botshepehi, mpolelleng; kapa ho seng jwalo, le teng le mpolelle, ke tle ke tsebe ho leba ho le letona, kapa ho le letshehadi.
50. Yaba Labane le Bethuele ba araba, ba re: Taba ena e tswa ho Jehova; re sitwa ho o arabela hampe kapa hantle.
51. Bona, Rebeka o pela hao, mo nke, o ye le yena, e be mosadi wa mora mong a hao, kamoo Jehova a boletseng kateng.
52. Yare ha mohlanka wa Abrahama a utlwa ditaba tsa bona, a kgumama fatshe pela Jehova.
53. Yaba mohlanka o ntsha mekgabo ya silefera, le mekgabo ya kgaura, le meaparo, a e nea Rebeka; mme a nea kgaitsedie le mmae mesebetsi ya bohlokwa.