Genese 24:43-54 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

43. bona, ke eme pela sediba sa metsi, mme etlere morwetsana ya tswelang ho kga metsi, eo ke reng ho yena: Ako nnose metsinyana nkgong ya hao;

44. mme a re ho nna: Inwelle wena, mme le dikamele tsa hao ke tla di kgella; e ke e be yena mosadi eo Jehova a mo laoletseng mora wa mong a ka!

45. Yare ke eso ho qete ho bua ka pelong ya ka, ka tshoha Rebeka a etswa, a na le nkgo lehetleng; a theohela sedibeng, a kga; yaba ke re ho yena: Ako mphe, ke nwe.

46. Yaba o phakisa a kokobeletsa nkgo ya hae lehetleng la hae, a re: Nwa, mme ke tla nosa le dikamele tsa hao. Yaba ke a nwa, mme a nosa le dikamele.

47. Ka ntoo mmotsa, ka re: O moradi wa mang? A re: Ke moradi wa Bethuele, mora Nakore, eo a mo tswaletsweng ke Milka. Yaba ke kenya lesale nkong ya hae, ka mo rwesa, le mefitshana matsohong a hae.

48. Ka inama, ka kgumamela Jehova; ka boka Jehova, Modimo wa mong a ka Abrahama, ya ntsamaisitseng ka tsela e lokileng, ke tle ke nkele mora mong a ka moradi wa banababo.

49. Mme jwale, ha ekaba le fela le rata ho etsetsa mong a ka ka lerato le ka botshepehi, mpolelleng; kapa ho seng jwalo, le teng le mpolelle, ke tle ke tsebe ho leba ho le letona, kapa ho le letshehadi.

50. Yaba Labane le Bethuele ba araba, ba re: Taba ena e tswa ho Jehova; re sitwa ho o arabela hampe kapa hantle.

51. Bona, Rebeka o pela hao, mo nke, o ye le yena, e be mosadi wa mora mong a hao, kamoo Jehova a boletseng kateng.

52. Yare ha mohlanka wa Abrahama a utlwa ditaba tsa bona, a kgumama fatshe pela Jehova.

53. Yaba mohlanka o ntsha mekgabo ya silefera, le mekgabo ya kgaura, le meaparo, a e nea Rebeka; mme a nea kgaitsedie le mmae mesebetsi ya bohlokwa.

54. Ba eja, ba enwa, yena le batho ba nang le yena, ba ba ba robala. Ka meso, mohlanka a tsoha, a re: Nkgutlisetseng ho mong a ka.

Genese 24