Genese 24:29-40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. Rebeka o ne a na le kgaitsedi, lebitso la hae e le Labane. Yaba Labane o a tswa, a mathela kantle ho monna sedibeng.

30. Yare hobane a bone lesale, le mefitshana matsohong a kgaitsedi ya hae, mme a utlwe le dipolelo tsa Rebeka, kgaitsedi ya hae, ha a re: Monna o buile le nna ka hore hoitseng; a ya ho monna eo, a mmona a sa ntse a dutse ho dikamele pela sediba.

31. A re: Tloo, mohlohonolofatsuwa wa Jehova! O duletseng kantle na, kanthe ke se ke lokisitse ntlo le sebaka sa dikamele?

32. Yaba monna eo o kena ka tlung; mme Labane a mo qhanollela dikamele tsa hae, a ba a nea dikamele mooko le furu, a mo fa le metsi a hlatswang maoto a hae le maoto a batho ba nang le yena.

33. A ntoo beelwa dijo. Empa a re: Nke ke ka ja, ha ke eso ho bolele ditaba tsa ka. Labane a re: Bolela.

34. Yaba o re: Ke mohlanka wa Abrahama.

35. Jehova o hlohonolofaditse mong a ka haholo, ebile ke motho e moholo, mme o mo neile manku le makgomo, le silefera, le kgauta, le bahlanka ba batona le ba batshehadi, le dikamele le diesele.

36. Sara, mosadi wa mong a ka, leha a ne a se a tsofetse, o tswaletse mong a ka mora, mme yena o mo neile tsohle tseo a nang le tsona.

37. Mong a ka o ntlhapantshitse, a re: O se ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana, bao ke ahileng hara bona,

38. haese hobane o ka ya tlung ya ntate, le mofuteng wa ka, mme o nkele mora wa ka mosadi teng.

39. Ka re ho mong a ka: Ekaba mohlomong mosadi a ke ke a ntshala morao!

40. Yaba o re ho nna: Jehova eo ke tsamayang pontsheng ya hae, o tla roma lengeloi la hae ho wena, a atlise leeto la hao, mme o tla nkela mora wa ka mosadi mofuteng wa ka le tlung ya ntate.

Genese 24