Genese 24:12-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Yaba o re: Jehova, Modimo wa Abrahama, mong a ka, ako mphihlisetse botle kajeno, mme o etsetse Abrahama, mong a ka, ka mohau.

13. Bona, ke eme pela sediba sa metsi, mme baradi ba batho ba motse ba ya tswela ho kga metsi.

14. A e ke e re, morwetsana eo ke reng ho yena: Ako kokobetse nkgo ya hao, nke ke nwe, mme a re: Nwa, mme ke tla nosa le dikamele tsa hao, e ke e be yena eo o mo laoletseng Isaaka, mohlanka wa hao, mme ke tle ke tsebe kahoo hobane o etseditse mong a ka ka mohau.

15. Yare a eso ho qete ho bua, a bona Rebeka, ya tswetsweng ke Bethuele, mora wa Milka, mosadi wa Nakore, moena Abrahama, a etswa a jere nkgo ya hae lehetleng la hae.

16. E ne e le morwetsana e motle haholo ho bonwa, e ne e sa ntse e le morwetsana, a eso ho tsejwe ke monna; a theohela sedibeng, a tlatsa nkgo ya hae, a ntoo nyoloha.

17. Yaba mohanka o matha, a mo kgahlanyetsa, a re: Ako mphe hle metsinyana a nkgo ya hao.

18. A re: Nwa, monghadi. A phakisa a kokobeletsa nkgo ya hae letsohong la hae, a mo nosa.

19. Eitse hobane a qete ho mo nwesa, a re: Ke tla kgella le dikamele tsa hao, le tsona di ke di nwe, di kgolwe.

20. Yaba o phakisa a tshollela nkgo ya hae senwelong sa dintho, a boela a titimela sedibeng ho ya kga, a kgella dikamele tsa hae kaofela.

21. Monna eo a nna a mmoha a ikgutseditse, hore a tle a tsebe hore a Jehova o mo atliseditse leeto la hae na, kapa tjhe.

Genese 24