Genese 24:10-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Yaba mohlanka o nka dikamele tse leshome ho dikamele tsa mong a hae, a tsamaya; etswe dintho tsohle tsa mong a hae di ne di le diatleng tsa hae; a tloha, a ya Mesopotamia, motseng wa Nakore.

11. Teng a kgumamisa dikamele kantle ho motse, pela sediba sa metsi, nakong ya mantsiboya, motsotsong oo basadi ba tswelang ho kga metsi.

12. Yaba o re: Jehova, Modimo wa Abrahama, mong a ka, ako mphihlisetse botle kajeno, mme o etsetse Abrahama, mong a ka, ka mohau.

13. Bona, ke eme pela sediba sa metsi, mme baradi ba batho ba motse ba ya tswela ho kga metsi.

14. A e ke e re, morwetsana eo ke reng ho yena: Ako kokobetse nkgo ya hao, nke ke nwe, mme a re: Nwa, mme ke tla nosa le dikamele tsa hao, e ke e be yena eo o mo laoletseng Isaaka, mohlanka wa hao, mme ke tle ke tsebe kahoo hobane o etseditse mong a ka ka mohau.

15. Yare a eso ho qete ho bua, a bona Rebeka, ya tswetsweng ke Bethuele, mora wa Milka, mosadi wa Nakore, moena Abrahama, a etswa a jere nkgo ya hae lehetleng la hae.

16. E ne e le morwetsana e motle haholo ho bonwa, e ne e sa ntse e le morwetsana, a eso ho tsejwe ke monna; a theohela sedibeng, a tlatsa nkgo ya hae, a ntoo nyoloha.

17. Yaba mohanka o matha, a mo kgahlanyetsa, a re: Ako mphe hle metsinyana a nkgo ya hao.

18. A re: Nwa, monghadi. A phakisa a kokobeletsa nkgo ya hae letsohong la hae, a mo nosa.

Genese 24