1. Abrahama o ne a tsofetse, a atetswe ke matsatsi, mme Jehova o ne a hlohonolofaditse Abrahama dinthong tsohle.
2. Jwale Abrahama a re ho mohlanka wa hae e moholo ka tlung ya hae, ya neng a laola tsohle tseo a nang le tsona: Ako bee hle seatla sa hao katlasa serope sa ka,
3. ke tle ke o antshe ka Jehova, Modimo wa mahodimo le Modimo wa lefatshe, hore o ke ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana, bao ke ahileng hara bona;
4. o mpe o ye lefatsheng la heso, le ho ba heso, o nkele mora wa ka Isaaka mosadi teng.
5. Yaba mohlanka o re ho yena: Ekaba mohlomong mosadi a ke ke a dumela ho ntshala morao, ho tla naheng ena; hleka ke tla boela ke kgutlisetse mora wa hao naheng eo o tswileng ho yona na?
6. Abrahama a re ho yena: O se ke wa ba wa leka ho kgutlisetsa mora wa ka teng.
7. Jehova, Modimo wa mahodimo, ya ntlositseng tlung ya ntate le lefatsheng la banabeso, ya buileng le nna, ya nlthapanyeditseng, a re: Lesika la hao ke tla le nea naha ena; ke yena ya tlang ho roma lengeloi la hae pele ho wena, mme o tla nkela mora wa ka mosadi teng.
8. Ekare ha mosadi a sa rate ho o sala morao, etlaba o lokolohile kanong ena ya ka; empa feela, mora wa ka o se ke wa mo kgutlisetsa kwana.
9. Yaba mohlanka o bea seatla sa hae katlasa serope sa Abrahama, mong a hae, a mo anela taba eo.