2. Sara a shwela Kiryath-Arba, e leng Hebrone, naheng ya Kanana; mme Abrahama a tla bofifing ba Sara ho mo llela.
3. Abrahama a tloha pela mofu wa hae, a bua le bara ba Hethe, a re:
4. Ke moditjhaba le mojaki hara lona; nneeng setsha sa mabitla hara lona, e be sa ka, ke tle ke pate mofu wa ka teng, a tloswe pela ka.
5. Bara ba Hethe ba araba Abrahama, ba re ho yena:
6. O re mamele, monghadi: O kgosana ya Modimo hara rona; pata mofu wa hao lebitleng la rona leo o tla le kgetha. Ha ho motho ho rona ya ka o hanelang le lebitla la hae, leo o ka patang mofu wa hao ho lona.