Genese 23:12-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Yaba Abrahama o inama pela baahi ba naha.

13. A bua le Efrone, batho ba naha ba ntse ba mametse, a re: Hojane wa ka wa mmamela! Ke tla o nea tjhelete ya tshimo; e nke hle ho nna, mme ke tla pata mofu wa ka teng.

14. Yaba Efrone o araba Abrahama, a re ho yena:

15. Monghadi, ako nkutlwe: Tshimo e rekwang ka dishekele tse makgolo a mane tsa silefera e ka ba eng mahareng a ka le wena? Hlo o mpe o pate mofu wa hao.

16. Yaba Abrahama o dumela Efrone; Abrahama a lekanyetsa Efrone ditjhelete tseo a di boletseng, bara ba Hethe ba mametse: dishekele tsa silefera tse makgolo a mane tsa tseo ho rekwang ka tsona ho bahwebi.

17. Yaba tshimo ya Efrone e Makpela, e leng pela Mamre, tshimo le lehaha le ho yona, le difate tsohle tse tshimong le moeding wohle wa yona kahohle, ho a tiiswa,

18. hore e tla ba leruo la Abrahama pontsheng ya bara ba Hethe le ya bohle ba fetang kgorong ya motse wa hae.

19. Kamora tseo, Abrahama a pata Sara, mosadi wa hae, lehaheng la tshimo ya Makpela e pela Mamre, e leng Hebrone, naheng ya Kanana.

20. Tshimo le lehaha le ho yona tsa tiiselletswa Abrahama ke bana ba Hethe, hore e be setsha sa hae sa ho epela.

Genese 23