11. Tjhe, morena, ako mamele: Ke o nea tshimo, le lehaha le ho yona ke o nea lona; ke o nea tsona pontsheng ya bara ba setjhaba se heso: pata mofu wa hao.
12. Yaba Abrahama o inama pela baahi ba naha.
13. A bua le Efrone, batho ba naha ba ntse ba mametse, a re: Hojane wa ka wa mmamela! Ke tla o nea tjhelete ya tshimo; e nke hle ho nna, mme ke tla pata mofu wa ka teng.
14. Yaba Efrone o araba Abrahama, a re ho yena:
15. Monghadi, ako nkutlwe: Tshimo e rekwang ka dishekele tse makgolo a mane tsa silefera e ka ba eng mahareng a ka le wena? Hlo o mpe o pate mofu wa hao.
16. Yaba Abrahama o dumela Efrone; Abrahama a lekanyetsa Efrone ditjhelete tseo a di boletseng, bara ba Hethe ba mametse: dishekele tsa silefera tse makgolo a mane tsa tseo ho rekwang ka tsona ho bahwebi.