7. Yaba Isaaka o bua le Abrahama, ntatae, a re: Ntate! A re: Ke nna enwa, mora ka. A re: Mollo le patsi ke tsena, empa nku ya setjheso e kae na?
8. Abrahama a re: Mora ka, Modimo o tla iponela nku ya setjheso. Yaba ba tsamaya ba babedi hammoho.
9. Jwale ba fihla nqalong eo Modimo o mmoleletseng yona. Abrahama a haha aletare teng, a lokisa patsi; a tlama Isaaka, mora hae, a mmea aletareng hodima patsi.
10. Abrahama a nanabetsa letsoho la hae, a nka thipa ho hlaba mora hae.
11. Yaba lengeloi a Jehova le mo howeletsa, le le lehodimong, la re: Abrahama! Abrahama! A re: Ke nna enwa.
12. La re: Se ise letsoho la hao ho moshanyana, o se ke wa mo etsa letho; hobane jwale, ke a tseba hoba o tshaba Modimo, ha o sa ka wa nkganela le mora wa hao, ya mong ho wena.
13. Yare ha Abrahama a emisa mahlo a hae, a tadima, mme a bona pheleu e le kamora hae, e tshwasehile dihlahleng ka manaka; yaba Abrahama o ya, a nka pheleu, mme a e etsa setjheso bakeng sa mora wa hae.
14. Abrahama a rea nqalo eo lebitso la Jehova-Jire (Jehova o tla iponela); ke moo ho thweng kajeno: O tla iponela thabeng ya Jehova.
15. Yaba lengeloi la Jehova le howeletsa Abrahama la bobedi le le lehodimong,
16. la re: Ho thwe ke Jehova: Ke hlapantse ka nna hore, ka baka la hobane o entse taba eo, o sa ka wa nkganela le mora wa hao, ya mong ho wena,
17. ho hlohonolofatseng ke tla o hlohonolofatsa, mme ho atiseng ke tla atisa moloko wa hao, o be ka ka dinaledi tsa mahodimo le lehlabathe le lebopong la lewatle, mme moloko wa hao o tla rua dikgoro tsa dira tsa wona.