5. Yaba Abrahama o re ho bahlanka ba hae: Salang mona le esele, mme nna le mohlankana re tla ya mane, re rapele, re ntoo kgutlela ho lona.
6. Abrahama a nka patsi ya setjheso, a e jarisa Isaaka, mora hae, a nka le mollo letsohong la hae le thipa; mme ba ya ba babedi hammoho.
7. Yaba Isaaka o bua le Abrahama, ntatae, a re: Ntate! A re: Ke nna enwa, mora ka. A re: Mollo le patsi ke tsena, empa nku ya setjheso e kae na?
8. Abrahama a re: Mora ka, Modimo o tla iponela nku ya setjheso. Yaba ba tsamaya ba babedi hammoho.
9. Jwale ba fihla nqalong eo Modimo o mmoleletseng yona. Abrahama a haha aletare teng, a lokisa patsi; a tlama Isaaka, mora hae, a mmea aletareng hodima patsi.
10. Abrahama a nanabetsa letsoho la hae, a nka thipa ho hlaba mora hae.
11. Yaba lengeloi a Jehova le mo howeletsa, le le lehodimong, la re: Abrahama! Abrahama! A re: Ke nna enwa.
12. La re: Se ise letsoho la hao ho moshanyana, o se ke wa mo etsa letho; hobane jwale, ke a tseba hoba o tshaba Modimo, ha o sa ka wa nkganela le mora wa hao, ya mong ho wena.
13. Yare ha Abrahama a emisa mahlo a hae, a tadima, mme a bona pheleu e le kamora hae, e tshwasehile dihlahleng ka manaka; yaba Abrahama o ya, a nka pheleu, mme a e etsa setjheso bakeng sa mora wa hae.
14. Abrahama a rea nqalo eo lebitso la Jehova-Jire (Jehova o tla iponela); ke moo ho thweng kajeno: O tla iponela thabeng ya Jehova.