2. Wa re: Nka mora wa hao, ya mong ho wena, eo o mo ratang, yena Isaaka; o ye naheng ya Moria, o mo etse teng sehlabelo sa setjheso hodima thaba e nngwe eo ke tlang ho o bolella yona.
3. Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a qhaneha esele ya hae, a nka bahlanka ba babedi le yena, le Isaaka, mora hae; mme a ratha patsi ya setjheso; yaba o tloha, a leba nqalong eo Modimo o mmoletseng yona.
4. Ka tsatsi la boraro, Abrahama a emisa mahlo, a bonela nqalo eo hole.
5. Yaba Abrahama o re ho bahlanka ba hae: Salang mona le esele, mme nna le mohlankana re tla ya mane, re rapele, re ntoo kgutlela ho lona.
6. Abrahama a nka patsi ya setjheso, a e jarisa Isaaka, mora hae, a nka le mollo letsohong la hae le thipa; mme ba ya ba babedi hammoho.
7. Yaba Isaaka o bua le Abrahama, ntatae, a re: Ntate! A re: Ke nna enwa, mora ka. A re: Mollo le patsi ke tsena, empa nku ya setjheso e kae na?
8. Abrahama a re: Mora ka, Modimo o tla iponela nku ya setjheso. Yaba ba tsamaya ba babedi hammoho.
9. Jwale ba fihla nqalong eo Modimo o mmoleletseng yona. Abrahama a haha aletare teng, a lokisa patsi; a tlama Isaaka, mora hae, a mmea aletareng hodima patsi.
10. Abrahama a nanabetsa letsoho la hae, a nka thipa ho hlaba mora hae.
11. Yaba lengeloi a Jehova le mo howeletsa, le le lehodimong, la re: Abrahama! Abrahama! A re: Ke nna enwa.