Genese 22:14-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Abrahama a rea nqalo eo lebitso la Jehova-Jire (Jehova o tla iponela); ke moo ho thweng kajeno: O tla iponela thabeng ya Jehova.

15. Yaba lengeloi la Jehova le howeletsa Abrahama la bobedi le le lehodimong,

16. la re: Ho thwe ke Jehova: Ke hlapantse ka nna hore, ka baka la hobane o entse taba eo, o sa ka wa nkganela le mora wa hao, ya mong ho wena,

17. ho hlohonolofatseng ke tla o hlohonolofatsa, mme ho atiseng ke tla atisa moloko wa hao, o be ka ka dinaledi tsa mahodimo le lehlabathe le lebopong la lewatle, mme moloko wa hao o tla rua dikgoro tsa dira tsa wona.

18. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla itlhohonolofatsa lelokong la hao, ka baka la hobane o mametse lentswe la ka.

19. Yaba Abrahama o kgutlela ho bahlanka ba hae; mme ba tloha, ba ya hammoho Beerseba. Mme Abrahama a aha Beerseba.

20. Kamora ditaba tsena, Abrahama a behelwa hore: Bona, le Milka o tswaletse Nakore, moenao bara:

21. wa matsibolo ke Utse, moenae ke Buse, le Kemuele, ntata Arame;

22. le Kesede, le Haso, le Pildashe, le Jidlafe, le Bethuele.

23. Bethuele o tswetse Rebeka. Bao ba robileng meno e mmedi, Milka o ba tswaletse Nakore, moena Abrahama.

24. Le serethe sa hae se bitswang Reuma, le sona se mo tswaletse Thebake, le Gahame, le Tahashe, le Maaka.

Genese 22