Genese 21:21-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. A aha lefeelleng la Parane, mme mmae a mo nkela mosadi fatsheng la Egepeta.

22. Mehleng eo, Abimeleke le Pikole, molaodi wa makgotla a hae, ba bua le Abrahama, ba re: Modimo o na le wena nthong tsohle tseo o di etsang.

23. Ka baka leo, ntlhapanyetse mona jwale, ka Modimo, hore o ke se ke wa etsa ka bohata ho nna, leha e le ho bana ba ka, leha e le ho ditloholo tsa ka; le hore kamoo nna ke o etseditseng kateng ka molemo, o etse jwalo ho nna le ho naha eo o jakileng ho yona.

24. Abrahama a re: Ke tla hlapanya.

25. Empa Abrahama a nyatsa Abimeleke ka baka la sediba sa metsi seo bahlanka ba Abimeleke ba neng ba se nkile ka manganga.

26. Abimeleke a re: Ha ke tsebe hore na taba eo e entswe ke mang: etswe le wena o sa ka wa mpolella, le ho utlwa ha ke eso ho ba ke utlwa ho fihlela kajeno.

27. Yaba Abrahama o nka dinku le dikgomo, a di nea Abimeleke, mme ba hlaba selekane ba babedi.

28. Abrahama a bea dithole tsa dinku tse supileng ka hosele.

29. Yaba Abimeleke o re ho Abrahama: Dithole tsee tse supileng, tseo o di beileng kathoko, di reng na?

30. A re: Ke ho re, dinku tsena tse supileng o di amohele letsohong la ka, e tle e be bopaki ba ka ba hore ke nna ke tjhekileng sediba sena.

31. Ka baka leo, nqalo eo e reilwe lebitso la Beerseba, kahobane ba hlapantse teng ba babedi.

32. Ba hlaba selekane jwalo Beerseba; yaba Abimeleke o tloha le Pikole, molaodi wa makgotla a hae, ba kgutlela lefatsheng la Bafilesta.

33. Abrahama a hloma difate Beerseba, mme a rapela teng lebitso la Jehova, Modimo wa kamehla yohle.

34. Abrahama a hlola matsatsi a mangata naheng ya Bafilesta.

Genese 21