Genese 21:2-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Yaba Sara o emola, a tswalla Abrahama mora botsofading ba hae, motsotsong oo Modimo o neng o mmehetse wona.

3. Abrahama a rea mora wa hae, eo a mo tswaletseng, eo Sara a mo tswaletseng yena, lebitso la Isaaka.

4. Abrahama a bolotsa Isaaka, mora hae, mohla a nang le matsatsi a robileng meno e mmedi, kamoo Modimo o neng o mo laetse kateng.

5. Dilemo tsa Abrahama di ne di le lekgolo mohla a tswallwang Isaaka, mora wa hae.

6. Jwale Sara a re: Modimo o mphile ditsheho, mme le bohle, ha ba utlwa, ba tla tsheha le nna.

7. A ba a re: Ke mang ya ka beng a boleletse Abrahama hore Sara o tla anyesa bana, haele moo ke mo tswaletse mora botsofading ba hae?

8. Ngwana a hola, a ba a kgwiswa; mme Abrahama a etsa mokete o moholo ka letsatsi leo Isaaka a kgwiswang ka lona.

9. Empa Sara a bona mora wa Agare, Moegepeta, eo Agare a mo tswaletseng Abrahama, a ntse a tsheha.

10. Yaba o re ho Abrahama: Lelekisa lekgabunyane leo le mora wa lona, hobane mora wa lekgabunyane leo a ke se ke a ja lefa hammoho le mora ka Isaaka.

11. Empa lentswe lena la eba bohloko haholo ho Abrahama ka baka la mora hae.

12. Yaba Modimo o re ho Abrahama: Ho se ke ha eba bohloko ho wena bakeng sa moshanyana le sa lekgabunyane la hao; polelo tsohle tseo Sara a o bolellang tsona, o mpe o di mamele, hobane ka Isaaka ho tla tswa lesika le tla reellwa wena.

13. Empa haele mora wa lekgabunyane, yena ke tla mo etsa setjhaba, hobane ke ngwanahao.

14. Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a nka bohobe le sehwana sa metsi, a di nea Agare, a mo jarisa tsona lehetleng, a mo nea le ngwana, mme a mo fa tsela. A tloha a ya phaila lefeelleng la Beerseba.

15. Yaba metsi a fela ka sehwaneng; yaba Agare o bea ngwana katlasa sehlahla,

16. a sutha, a ya dula malebana le yena sebaka se ka ka sa motsu ha o phoswa: hobane o ne a re: Ke se ke ka bona ngwana ha a eshwa. A nna a dula malebana le yena, a phahamisitse lentswe, a lla.

17. Yaba Modimo o utlwa lentswe la moshanyana; mme lengeloi la Modimo la howeletsa Agare le le lehodimong, le re ho yena: O jewa keng Agare? Se tshabe, hobane Modimo o utlwile lentswe la moshanyana, moo a leng teng.

Genese 21