10. Yaba o re ho Abrahama: Lelekisa lekgabunyane leo le mora wa lona, hobane mora wa lekgabunyane leo a ke se ke a ja lefa hammoho le mora ka Isaaka.
11. Empa lentswe lena la eba bohloko haholo ho Abrahama ka baka la mora hae.
12. Yaba Modimo o re ho Abrahama: Ho se ke ha eba bohloko ho wena bakeng sa moshanyana le sa lekgabunyane la hao; polelo tsohle tseo Sara a o bolellang tsona, o mpe o di mamele, hobane ka Isaaka ho tla tswa lesika le tla reellwa wena.
13. Empa haele mora wa lekgabunyane, yena ke tla mo etsa setjhaba, hobane ke ngwanahao.
14. Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a nka bohobe le sehwana sa metsi, a di nea Agare, a mo jarisa tsona lehetleng, a mo nea le ngwana, mme a mo fa tsela. A tloha a ya phaila lefeelleng la Beerseba.
15. Yaba metsi a fela ka sehwaneng; yaba Agare o bea ngwana katlasa sehlahla,
16. a sutha, a ya dula malebana le yena sebaka se ka ka sa motsu ha o phoswa: hobane o ne a re: Ke se ke ka bona ngwana ha a eshwa. A nna a dula malebana le yena, a phahamisitse lentswe, a lla.
17. Yaba Modimo o utlwa lentswe la moshanyana; mme lengeloi la Modimo la howeletsa Agare le le lehodimong, le re ho yena: O jewa keng Agare? Se tshabe, hobane Modimo o utlwile lentswe la moshanyana, moo a leng teng.
18. Tsoha, o emise moshanyana, o mo tshware ka letsoho, hobane ke tla mo etsa setjhaba se seholo.
19. Yaba Modimo o tutubolla mahlo a hae, mme a bona sediba sa metsi; a ya, a tlatsa sehwana, a nwesa ngwana.
20. Modimo wa eba le moshanyana, mme a hola, a aha feelleng; ha a se a le moholo, ya eba mophosi.
21. A aha lefeelleng la Parane, mme mmae a mo nkela mosadi fatsheng la Egepeta.
22. Mehleng eo, Abimeleke le Pikole, molaodi wa makgotla a hae, ba bua le Abrahama, ba re: Modimo o na le wena nthong tsohle tseo o di etsang.
23. Ka baka leo, ntlhapanyetse mona jwale, ka Modimo, hore o ke se ke wa etsa ka bohata ho nna, leha e le ho bana ba ka, leha e le ho ditloholo tsa ka; le hore kamoo nna ke o etseditseng kateng ka molemo, o etse jwalo ho nna le ho naha eo o jakileng ho yona.
24. Abrahama a re: Ke tla hlapanya.
25. Empa Abrahama a nyatsa Abimeleke ka baka la sediba sa metsi seo bahlanka ba Abimeleke ba neng ba se nkile ka manganga.
26. Abimeleke a re: Ha ke tsebe hore na taba eo e entswe ke mang: etswe le wena o sa ka wa mpolella, le ho utlwa ha ke eso ho ba ke utlwa ho fihlela kajeno.
27. Yaba Abrahama o nka dinku le dikgomo, a di nea Abimeleke, mme ba hlaba selekane ba babedi.