Genese 21:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova a etela Sara kamoo a neng a boletse kateng, mme Jehova a etsetsa Sara kamoo a neng a mmaletse kateng.

2. Yaba Sara o emola, a tswalla Abrahama mora botsofading ba hae, motsotsong oo Modimo o neng o mmehetse wona.

3. Abrahama a rea mora wa hae, eo a mo tswaletseng, eo Sara a mo tswaletseng yena, lebitso la Isaaka.

4. Abrahama a bolotsa Isaaka, mora hae, mohla a nang le matsatsi a robileng meno e mmedi, kamoo Modimo o neng o mo laetse kateng.

5. Dilemo tsa Abrahama di ne di le lekgolo mohla a tswallwang Isaaka, mora wa hae.

6. Jwale Sara a re: Modimo o mphile ditsheho, mme le bohle, ha ba utlwa, ba tla tsheha le nna.

7. A ba a re: Ke mang ya ka beng a boleletse Abrahama hore Sara o tla anyesa bana, haele moo ke mo tswaletse mora botsofading ba hae?

8. Ngwana a hola, a ba a kgwiswa; mme Abrahama a etsa mokete o moholo ka letsatsi leo Isaaka a kgwiswang ka lona.

9. Empa Sara a bona mora wa Agare, Moegepeta, eo Agare a mo tswaletseng Abrahama, a ntse a tsheha.

Genese 21