Genese 20:8-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Yaba Abimeleke o tsoha e sa le ka meso, a bitsa bahlanka ba hae kaofela, mme a ba phetela mantswe ao kaofela; mme batho bao ba tshoha hampe.

9. Abimeleke a bitsa Abrahama, a re ho yena: O re entseng? Kapa ke o sitetswe kae, ha o tla tlisa molato o moholo hakalo hodima ka le hodima mmuso wa ka? O nkentse taba e sa keng e be e etswe.

10. Abimeleke a ba a re ho Abrahama: O boneng, ha o tla etsa taba eo?

11. Yaba Abrahama o re: Ke hobane ke itse: Eka ha ho tshajwe Modimo motseng ona, mme ba tla mpolaya ka baka la mosadi wa ka.

12. Kwana kannete ke kgaitsedi ya ka, etswe e le moradi wa ntate, leha empa e se moradi wa mme, mme ebile ke mosadi wa ka.

13. Eitse ha Modimo o nntsha tlung ya ntate, hore ke be mojaki, ka re ho yena: Molemo oo o tla nketsetsa wona ke ona: Hohle moo re yang, ha o mpolela, o nne o re: Ke kgaitsedi ya ka.

14. Yaba Abimeleke o nka dinku, le dikgomo, le bahlanka, le makgabunyane, a di abela Abrahama, a ba a kgutlisetsa Sara mosadi wa hae ho yena.

15. Abimeleke a ba a re: Bona, naha ya ka e pela hao; ikahele moo o ithatelang.

16. Ho Sara a re: Bona, ke neile kgaitsedi ya hao dishekele tse sekete tsa silefera; a e be lesira mahlong ha hao, le ho bohle ba nang le wena, mme o tla loka le pela batho bohle.

17. Yaba Abrahama o rapela Modimo, mme Modimo wa fodisa Abimeleke, le mosadi wa hae, le makgabunyane a hae, mme ba nna ba tswala.

18. Hobane Jehova o ne a hlile a nyopisitse dipopelo tsohle tsa ba ntlo ya Abimeleke ka baka la Sara, mohatsa Abrahama.

Genese 20