1. Abrahama a tloha moo a leng teng, a leba naheng ya Borwa, a aha pakeng tsa Kadeshe le Shure, a hlola Gerare.
2. Abrahama o ne a boletse bakeng sa Sara, mosadi wa hae, a re: Ke kgaitsedi ya ka. Yaba Abimeleke, morena wa Gerare, o a romela, mme a nka Sara.
3. Empa Modimo wa tla ho Abimeleke bosiu torong, mme wa re ho yena: Bona, o motho ya shweleng ka baka la mosadi eo o mo nkileng, hobane o nyetswe ke monna.
4. Empa Abimeleke o ne a eso ho mo atamele; mme a re: Morena, hleka o ka bolaya setjhaba, leha se lokile na?
5. A monna eo ha a ka a re ho nna: Enwa ke kgaitsedi ya ka? Mme le yena, yena ka sebele, na ha a ka a re: Ke kgaitsedi ya ka? Ke entse hoo ka pelo e lokileng le ka matsoho a hlwekileng.
6. Modimo wa re ho yena torong: Le nna ke a tseba hobane o entse hoo ka pelo e hlwekileng, mme ke bile ke o thibetse hore o tle o se ke wa ntshitelwa; ke ka baka leo ke sa kang ka o lesa le hore o mo ame.
7. Jwale he, busetsa mosadi ho monna wa hae: etswe e le moporofeta, mme o tla o rapella hore o pholohe. Empa ha o ke ke wa mmusetsa, o tsebe hoba o tla shwa le ho shwa, wena le bohle bao o nang le bona.
8. Yaba Abimeleke o tsoha e sa le ka meso, a bitsa bahlanka ba hae kaofela, mme a ba phetela mantswe ao kaofela; mme batho bao ba tshoha hampe.
9. Abimeleke a bitsa Abrahama, a re ho yena: O re entseng? Kapa ke o sitetswe kae, ha o tla tlisa molato o moholo hakalo hodima ka le hodima mmuso wa ka? O nkentse taba e sa keng e be e etswe.
10. Abimeleke a ba a re ho Abrahama: O boneng, ha o tla etsa taba eo?
11. Yaba Abrahama o re: Ke hobane ke itse: Eka ha ho tshajwe Modimo motseng ona, mme ba tla mpolaya ka baka la mosadi wa ka.
12. Kwana kannete ke kgaitsedi ya ka, etswe e le moradi wa ntate, leha empa e se moradi wa mme, mme ebile ke mosadi wa ka.
13. Eitse ha Modimo o nntsha tlung ya ntate, hore ke be mojaki, ka re ho yena: Molemo oo o tla nketsetsa wona ke ona: Hohle moo re yang, ha o mpolela, o nne o re: Ke kgaitsedi ya ka.
14. Yaba Abimeleke o nka dinku, le dikgomo, le bahlanka, le makgabunyane, a di abela Abrahama, a ba a kgutlisetsa Sara mosadi wa hae ho yena.
15. Abimeleke a ba a re: Bona, naha ya ka e pela hao; ikahele moo o ithatelang.
16. Ho Sara a re: Bona, ke neile kgaitsedi ya hao dishekele tse sekete tsa silefera; a e be lesira mahlong ha hao, le ho bohle ba nang le wena, mme o tla loka le pela batho bohle.