Genese 2:14-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Lebitso la noka ya boraro ke Hiddekele, e mathelang ka nnqa botjhabela ho Assiria. Noka ya bone ke Eufrate.

15. Yaba Jehova Modimo o nka motho, a mmea tshimong ya Edene, ho e lema le ho e lebela.

16. Jehova Modimo a laela motho, a re: Haele difate tsohle tsa tshimo, o tla di ja;

17. empa haele sefate sa ho tseba botle le bobe, o se ke wa se ja, hobane mohla o se jang, o tla shwa.

18. Yaba Jehova Modimo o re: Ha ho molemo hoba motho a dule a nnotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya tshwanang le yena.

19. Jehova Modimo a bopa ka mobu diphoofolo tsohle tsa naha, le tse rurang tsa mahodimo; a ntoo di tlisa ho Adama, a tle a bone hore o tla di rea mabitso a jwang, le hore mabitso ao Adama a tlang ho bitsa dintho tsohle tse utlwang ka wona e be mabitso a tsona.

20. Adama a rea makgomo wohle mabitso, le tse rurang tsa mahodimo, le diphoofolo tsohle tsa naha; empa hae le bakeng sa motho ha ho a ka ha fumanwa molekane ya tshwanang le yena.

21. Yaba Jehova Modimo o robatsa Adama boroko bo boholo, mme Adama a ithoballa. Jehova a ntsha lehopo le leng ho yena, mme a busetsa dinama tulong tsa lona.

22. Jehova Modimo a bopa mosadi ka lehopo leo a le ntshitseng ho Adama, mme a mo tlisa ho Adama.

Genese 2