Genese 2:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mahodimo a phethwa jwalo, le lona lefatshe le dintho tsohle tsa teng.

2. Modimo wa phetha ka letsatsi la bosupa mosebetsi oo o o entseng; mme ka tsatsi la bosupa wa phomola mosebetsing wohle oo o o entseng.

3. Modimo wa hlohonolofatsa letsatsi la bosupa, mme wa le kgetha, hobane o phomotse ka lona mosebetsing wohle oo Modimo o o entseng ka ho o sebetsa.

4. Ke tsena ditaba tsa ho hlaha ha mahodimo le ha lefatshe mohla di bopjwang. Mohla Jehova Modimo a etsang lefatshe le mahodimo,

5. dimela tsohle tsa naha di ne di eso ho be lefatsheng, le jwang bohle ba naha bo ne bo eso ho mele, hobane Jehova Modimo o ne a eso ho nese pula lefatsheng, mme ho bo ho se motho ya lemang lefatshe;

6. empa ho ne ho nyoloha mohodi fatshe, mme o ne o kolobisa lefatshe lohle.

7. Jehova Modimo a bopa motho ka lerole la lefatshe, mme a budulela dinkong tsa hae phefumoloho ya ho phela, mme motho ya eba moya o phelang.

8. Jehova Modimo a hloma tshimo Edene ka nnqa botjhabela, mme a bea teng motho eo a mmopileng.

9. Jehova Modimo a medisa lefatsheng difate tsohle tse kgahlisang mahlo, tse monate ha di jewa, mme hara tshimo a medisa sefate sa bophelo, le sefate sa ho tseba botle le bobe.

10. Noka e ne e tswa Edene ho nosetsa tshimo, mme e ne e arohana teng, e ikentse dinoka tse nne.

11. Lebitso la ya pele ke Pisone, e teetseng naha yohle ya Havila hare, moo kgauta e leng teng.

12. Kgauta ya naha eo e ntle; bedela e teng le lejwe la onikse.

13. Lebitso la noka ya bobedi ke Gihone, e teetseng naha yohle ya Kushe hare.

Genese 2