30. Lota a tloha Tsoware, a ya aha thabeng, a ena le baradi ba hae ba babedi; hobane o ne a tshaba ho dula Tsoware. A aha lehaheng, yena le baradi ba hae ba babedi.
31. Yaba moradi wa hae e moholo o re ho moenae: Ntata rona o tsofetse, mme ha ho monna lefatsheng ya ka tlang ho rona ka mokgwa wa lefatshe lohle.
32. Tloo, re nose ntata rona veine, mme re robale le yena, mme re tsosetse ntata rona leloko.
33. Yaba ba nosa ntata bona veine ka bosiu boo, mme e moholo a kena, a robala le ntatae; mme Lota ha a ka a mo lemoha, ha a robala, leha a tsoha.
34. Ka hosasane, e moholo a re ho moenae: Bona, ke letse ke robetse le ntate; a re mo nose veine hape ka bosiu ba kajeno, mme o kene, o robale le yena, mme re tsosetse ntata rona leloko.
35. Yaba ba boela ba nosa ntata bona veine ka bosiu boo, mme e monyenyane a tsoha, a ya robala le yena; mme ha a ka a tseba, ha a robala, leha a tsoha.
36. Yaba baradi ba babedi ba Lota ba emodiswa ke ntata bona.
37. E moholo a tswala mora, a mo rea lebitso la Moabe; ke yena ntata Bamoabe le kajeno.
38. E monyenyane le yena a tswala mora, a mo rea lebitso la Ben-Ammi; ke yena ntata bana ba Ammone le kajeno.