12. Yaba banna bao ba re ho Lota: Ke bafe bao o sa nang le bona mona? Bakgwenyana, kapa bara, kapa baradi, leha e le mang le mang eo o nang le yena motseng, o ba ntshe motseng;
13. hobane rona re ya senya motse ona, hobane mohoo o ba qosang ho Jehova o hlile o moholo, mme Jehova o re romile ho o timeletsa.
14. Yaba Lota o tswa ho ya tsebisa bakgwenyana ba hae, ba neng ba tla nyala baradi ba hae, mme a re: Tsohang, le tswe nqalong ena, hobane Jehova o ya timeletsa motse! Empa ho bakgwenyana ba hae ha eba jwaloka hojane o a swaswa.
15. Eitse ha meso e hlaha, mangeloi a akofisa Lota, a re: Tsoha, o nke mosadi wa hao, le baradi ba hao ba babedi ba leng mona, esere mohlomong wa timela tshenyehong ya motse ona.
16. A re a sa dikadika, banna bao ba mo tshwara ka letsoho, ba tshwara le letsoho la mosadi wa hae, le matsoho a baradi ba hae ba babedi, ka baka la mohau wa Jehova ho yena, mme ba mo ntsha, ba mo tlohela kantle ho motse.
17. Eitse ha ba se ba ntsheditswe kantle, e mong wa bona a re: Baleha, o boloke bophelo ba hao; o se ke wa hetla kamorao, o se ke wa ema lehwatateng lohle; balehela thabeng, esere mohlomong wa timeletswa.
18. Lota a re ho bona: O tjhe, monghadi! Ke o a rapela;
19. bona hle, mohlanka wa hao o fumane mohau mahlong a hao, mme lereko la hao le bile leholo leo o nthekolohetseng ka lona, wa boloka bophelo ba ka; empa nna ke sitwa ho balehela thabeng, kotsi e ka tshoha e nkwela hodimo, ka shwa.
20. Bona hle, motse wane o haufi, nke ke balehele ho wona; na ha o monyenyane na? mme moya wa ka o tla phela.
21. A re ho yena: Bona, ke tla o hauhela le tabeng ena, mme ha nka ke ka fatakanya motse ona oo o buang ka wona.
22. Phakisa o balehele teng, hobane ke sitwa ho etsa letho, o eso fihle teng. Ke ka baka leo motse oo o reilweng lebitso la Tsoware.
23. Letsatsi le ne le tjhabela lefatshe, ha Lota a kena Tsoware.
24. Yaba Jehova o nesetsa Sodoma le Gomora sebabole le mollo o tswang ho Jehova mahodimong.
25. A timeletsa metse eo, lehwatata lohle, le bohle ba ahileng metseng, le tse mediswang ke mobu.