Genese 19:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mangeloi a mabedi a fihla Sodoma mantsiboya, mme Lota o ne a dutse kgorong ya Sodoma. Lota, eitse ha a a bona, a ema, a ya a a kgahlanyetsa, mme a inamela fatshe ka sefahleho,

2. a re: Oho hle, beng ba ka, a le keng le fapohele tlung ya mohlanka wa lona, le robale teng, mme le hlatswe maoto a lona; le ntoo tsohela tseleng ya lona. Ba re: Tjhe, re tla mpe re robale lepatlelong.

3. Empa a ba phehella haholo, ba ba ba fapohela ho yena, ba kena ka tlung ya hae; mme a ba etsetsa selallo, a ba apehela dinkgwana tse se nang ditomoso, mme ba eja.

4. Empa eitse ba eso ho robale, banna ba motse, bona banna ba Sodoma, ba bokanela ntlo, bana le ba hodileng, batho kaofelafela.

5. Ba bitsa Lota, ba re ho yena: Ba kae banna ba tlileng ho wena bosiung bona? Re ntshetse bona, re tle re ba tsebe.

6. Yaba Lota o tswela ho bona monyako, mme a kwala lehlafi kamora hae.

7. A re: Oho banabeso, se etseng sehloho.

8. Bonang hle, ke na le baradi ba babedi ba esong ho tsebe monna; ke tla le tlisetsa bona kantle, le ba etse kamoo le ratang kateng. Empa feela banna bana, le se ke la ba etsa letho, etswe e le ka baka leo ba keneng moriting wa marulelo a ka.

9. Ba re: Suruha moo! Ba ba ba re: Motho enwa o tlile ho jaka, mme jwale o rata hoba e be moahlodi! Jwale re tla o etsa hampe ho fetisa bona! Jwale monna eo Lota ba mo hatella haholo, mme ba atamela ho thuha lehlafi.

10. Yaba banna bano ba nanabetsa matshoho, mme ba hulela Lota ka tlung ho bona, mme ba kwala monyako.

11. Yaba ba otla banna ba neng ba le pela monyako wa ntlo ka bofofu, ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, ba ba ba kgathala ke ho batla monyako.

12. Yaba banna bao ba re ho Lota: Ke bafe bao o sa nang le bona mona? Bakgwenyana, kapa bara, kapa baradi, leha e le mang le mang eo o nang le yena motseng, o ba ntshe motseng;

13. hobane rona re ya senya motse ona, hobane mohoo o ba qosang ho Jehova o hlile o moholo, mme Jehova o re romile ho o timeletsa.

Genese 19