Genese 18:19-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Ke tswe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ya hae kamora hae, hore ba boloke tsela ya Jehova, ba etse ka ho loka le ka tshwanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a mmaletseng sona.

20. Yaba Jehova o re: Erekaha mohoo o tswang Sodoma le Gomora o le moholo, mme sebe sa bona se atile haholo,

21. ke sa theoha ke tle ke bone hore na ba fela ba entse kamoo mohoo o fihlileng ho nna kateng; mme ha ho se jwalo, ke tla tseba.

22. Yaba banna ba tloha, ba leba Sodoma; empa Abrahama a sala pela Jehova.

23. Jwale Abrahama a atamela, a re: Hleka o ka timetsa ya lokileng hammoho le ya bolotsana na?

24. Ekaba ba lokileng ba mashome a mahlano ba teng motseng; hleka o ka timetsa motse, o sa o baballe ka baka la ba lokileng ba mashome a mahlano ba ho wona na?

25. Oho! o se ke wa etsa taba e jwalo le hanyenyane, wa bolaya ya lokileng hammoho le ya bolotsana, hore ya lokileng a hlahelwe ke ntho e le nngwe le molotsana. Taba eo e be hole le wena! Hleka moahlodi wa lefatshe a ke ke a etsa ka ho loka na?

26. Jehova a re: Ha nka fumana ba lokileng ba mashome a mahlano ba le teng motseng wa Sodoma, ke tla baballa motse kaofela ka baka la bona.

27. Abrahama a araba, a re: Bona hle, ke betile pelo ho buisana le Morena, leha ke le lerole le molora feela.

28. Ekaba ho ba lokileng ba mashome a mahlano bao, ho ka hlokahala ba le bahlano; hleka o ka fedisa motse kaofela ka baka la batho ba le bahlano na? A re: Ha ke fumana ba lokileng ba mashome a mane a metso e mehlano, nke ke ka o fedisa.

29. A boela a bua le yena, a re: Ekaba ho ka fumanwa teng ba lokileng ba mashome a mane feela. A re: Nke ke ka etsa taba ena ka baka la bao ba mashome a mane.

30. A re: Oho! Morena a se ke a halefa, ha ke ntse ke bua. Ekaba ho ka fumanwa teng ba lokileng ba mashome a mararo feela. Mme a re: Ha nka fumana ba lokileng ba mashome a mararo, nke ke ka etsa.

31. A re: Bona hle, ke betile pelo ho bua le Morena: Ekaba ho ka fumanwa teng ba lokileng ba mashome a mabedi feela. A re: Nke ke ka o senya ka baka la ba mashome a mabedi bao.

32. A re: Oho! Morenaka a se ke a halefa, mme ke tla boela ke bue hang feela: Ekaba ho ka fumanwa teng ba lokileng ba leshome feela. A re: Nke ke ka o senya ka baka la ba lokileng bao ba leshome.

33. Yaba Jehova o a ikela; ha a se a qetile ho bua le Abrahama; mme Abrahama a kgutlela ha hae.

Genese 18