12. Sara a tsheha kahare ho yena, a re: Ha ke se ke tsofetse, nka hla ka hlahelwa ke takatso, etswe le monga ka e le leqheku!
13. Yaba Jehova o re ho Abrahama: Ke ka baka lang Sara ha a tsheha, a re: Hleka kannete nka beleha, haele moo ke tsofetse?
14. Hleka taba e teng e ka sitang Jehova? Ka nako e beilweng, ke tla kgutlela ho wena, ha selemo se boya, mme Sara o tla ba le mora.
15. Empa Sara a latola, a re: Ha ke a ka ka tsheha; hobane o ne a tshaba. Mme Jehova a re: Tjhe, o ile wa tsheha.
16. Yaba banna bao ba ema, ba tloha teng, ba leba nqa Sodoma; mme Abrahama a tsamaya le bona, a ba felehetsa.
17. Jwale Jehova a re: Na nka patela Abrahama seo ke yang ho se etsa,
18. athe Abrahama e tla ba setjhaba se seholo, se matla, mme mefuta yohle ya lefatshe e tla hlohonolofalla ho yena?
19. Ke tswe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ya hae kamora hae, hore ba boloke tsela ya Jehova, ba etse ka ho loka le ka tshwanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a mmaletseng sona.
20. Yaba Jehova o re: Erekaha mohoo o tswang Sodoma le Gomora o le moholo, mme sebe sa bona se atile haholo,
21. ke sa theoha ke tle ke bone hore na ba fela ba entse kamoo mohoo o fihlileng ho nna kateng; mme ha ho se jwalo, ke tla tseba.
22. Yaba banna ba tloha, ba leba Sodoma; empa Abrahama a sala pela Jehova.
23. Jwale Abrahama a atamela, a re: Hleka o ka timetsa ya lokileng hammoho le ya bolotsana na?
24. Ekaba ba lokileng ba mashome a mahlano ba teng motseng; hleka o ka timetsa motse, o sa o baballe ka baka la ba lokileng ba mashome a mahlano ba ho wona na?
25. Oho! o se ke wa etsa taba e jwalo le hanyenyane, wa bolaya ya lokileng hammoho le ya bolotsana, hore ya lokileng a hlahelwe ke ntho e le nngwe le molotsana. Taba eo e be hole le wena! Hleka moahlodi wa lefatshe a ke ke a etsa ka ho loka na?
26. Jehova a re: Ha nka fumana ba lokileng ba mashome a mahlano ba le teng motseng wa Sodoma, ke tla baballa motse kaofela ka baka la bona.
27. Abrahama a araba, a re: Bona hle, ke betile pelo ho buisana le Morena, leha ke le lerole le molora feela.