1. Jehova a iponahatsa ho Abrahama dieikeng tsa Mamre, a dutse monyako wa tente, motshehare, ha ho futhumetse.
2. A emisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo, ba eme pela hae; eitse ha a ba bona, a tloha monyako wa tente ya hae, a titima, a ba kgahlanyetsa, a inamela fatshe,
3. a re: Morena ka, ha ekaba ke bone mohau mahlong a hao, oho, o se ke wa fapoha mohlanka wa hao.
4. A ho ke ho tliswe metsinyana, le hlatswe maoto a lona, mme le kgatholohe tlasa fate sena.
5. Ke tla tlisa sengwathwana sa bohobe, le ke le hlaphole dipelo tsa lona, le ntoo feta; hobane ke ka baka leo le fetang pela mohlanka wa lona. Ba re: Etsa jwalokaha o boletse.
6. Yaba Abrahama o phakisa a kena tenteng ho Sara, a re: Phakisa o nke ditekanyo tse tharo tsa phofo e thumisitsweng, o dube, o etse dinkgwana.
7. Abrahama a titimela mohlapeng, a nka namane e nama e boreletsana, e monate, a e neela mohlanka, hore a phakise a e apehe.
8. A nka mafi, le lebese, le namane e apehilweng, a di bea pela bona; empa yena a ikemela pela bona katlasa sefate, mme ba eja.
9. Yaba ba re ho yena: Sara, mohatsa hao o kae? A re: Ke enwa ka tenteng.
10. A re: Ke tla kgutlela ho wena kannete, ha selemo se boya, mme bona, Sara, mosadi wa hao, o tla ba le mora. Athe Sara o ne a ntse a mametse monyako wa tente, kamora hae.
11. Abrahama le Sara ba ne ba tsofetse, ba se ba hodile; mme ho ne ho se ho se ho Sara ka mokgwa wa basadi.
12. Sara a tsheha kahare ho yena, a re: Ha ke se ke tsofetse, nka hla ka hlahelwa ke takatso, etswe le monga ka e le leqheku!
13. Yaba Jehova o re ho Abrahama: Ke ka baka lang Sara ha a tsheha, a re: Hleka kannete nka beleha, haele moo ke tsofetse?
14. Hleka taba e teng e ka sitang Jehova? Ka nako e beilweng, ke tla kgutlela ho wena, ha selemo se boya, mme Sara o tla ba le mora.
15. Empa Sara a latola, a re: Ha ke a ka ka tsheha; hobane o ne a tshaba. Mme Jehova a re: Tjhe, o ile wa tsheha.
16. Yaba banna bao ba ema, ba tloha teng, ba leba nqa Sodoma; mme Abrahama a tsamaya le bona, a ba felehetsa.