Genese 17:10-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Ke wena selekane sa ka seo le tlang ho se boloka, se mahareng a ka le lona, le ditloholo tsa hao tse kamora hao: Ba batona bohle ho lona ba bolotswe.

11. Le pome nama ya ntlha ya dipele tsa lona, mme e tla ba pontsho ya selekane sa ka le lona.

12. Ngwana ya matsatsi a robileng meno e le mmedi hara lona a bolotswe, ba batona kaofela melokong ya lona, ya tswallwang tlung, leha e le ya rekilweng ka tjhelete ho moditjhaba ofe le ofe, eo e seng wa mofuta wa hao.

13. Ho bolotswe ya tswallwang tlung ya hao, le ya rekwang ka tjhelete ya hao, selekane sa ka se be nameng ya lona, e be selekane se sa feleng.

14. Motho e motona wa leqai ya sa bolotswang nameng ya hae, motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa hae, hobane o sentse selekane sa ka.

15. Hape Modimo wa re ho Abrahama: Sarai, mosadi wa hao, ha a sa tla hlola a bitswa ka lebitso la Sarai (ya ikgethang), empa lebitso la hae e tla ba Sara (mofumahadi).

16. Mme ke tla mo hlohonolofatsa, hape ke tla o fa mora ka yena; mme ke tla mo hlohonolofatsa, e tla ba mma ditjhaba, mme marena a ditjhaba a tla tswa ho yena.

17. Yaba Abrahama o wa ka sefahleho, a tsheha, mme a re ka pelong ya hae: Na monna ya dilemo tse lekgolo a ka bona ngwana, le Sara ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong, hleka a ka beleha na?

18. Abrahama a re ho Modimo: Ishmaele a ke a phele pela hao!

19. Modimo wa re: Tjhe, Sara, mosadi wa hao, o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Isaaka; ke tla tiisa selekane sa ka le yena, le leloko la hae le kamora hae, e be selekane se sa feleng.

20. Haele bakeng sa Ishmaele, ke o utlwile: Bona, ke tla mo hlohonolofatsa, ke mo atise, ke mo ngatafatsa haholoholo; o tla tswala marena a leshome le metso e mmedi, mme ke tla mo etsa setjhaba se seholo.

21. Empa selekane sa ka ke tla se tiisa le Isaaka, eo Sara a tlang ho o tswalla yena isao, wona motsotsong ona.

22. Yaba o lesa ho bua le yena, mme Modimo wa myoloha, wa tloha ho Abrahama.

23. Yaba Abrahama o nka Ishmaele, mora wa hae, le bohle ba tswaletsweng tlung ya hae, le bohle ba rekilweng ka tjhelete ya hae, ba batona bohle ba ntlo ya Abrahama, a ba bolotsa ka lona letsatsi leo, kamoo Modimo o mmoleletseng kateng.

24. Abrahama e ne e le motho ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong, mohla a bolotswang;

25. mme Ishmaele, mora hae, o ne a na le dilemo tse leshome le metso e meraro, mohla a bolotswang.

26. Ka lona tsatsi leo, Abrahama a bolla le Ishmaele, mora hae,

27. le banna bohle ba tswaletsweng tlung ya hae, le ba rekilweng ka tjhelete ho baditjhaba, ba bolla le yena.

Genese 17