Genese 17:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Eitse ha Abrame e se e le motho ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong, Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re ho yena: Ke nna Modimo o matla wohle. Tsamaya pela ka, o be kgabane;

2. mme ke tla tiisa selekane sa ka, se mahareng a ka le wena, ke o atise haholoholo.

3. Yaba Abrame o wa ka sefahleho, mme Modimo wa nna wa bua le yena, wa re:

4. Haele nna, bona, selekane sa ka se ho wena, mme o tla ba ntata letshwele la ditjhaba.

5. Lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Abrame (ntate ya phahameng), empa lebitso la hao e tla ba Abrahama, hobane, ke o beile hore o be raditjhabatjhaba.

6. Ke tla o atisetsa bana haholoholo, ke o etse ditjhaba, mme marena a tswe ho wena.

7. Ke tla tiisa selekane sa ka, se mahareng a ka le wena, le ditloholo tsa hao tse o hlahlamang ka meloko ya tsona, e be selekane se sa feleng, ke be Modimo wa hao le wa leloko la hao le o hlahlamang.

8. Mme lefatshe la bojaki ba hao, lefatshe lohle la Kanana, ke le nea wena le ditloholo tsa hao tse kamora hao, le le rue ka ho sa feleng, mme ke tla ba Modimo wa bona.

9. Modimo wa ba wa re ho Abrahama: Haele wena, o boloke selekane sa ka, wena le ditlholo tsa hao tse kamorao ho wena.

10. Ke wena selekane sa ka seo le tlang ho se boloka, se mahareng a ka le lona, le ditloholo tsa hao tse kamora hao: Ba batona bohle ho lona ba bolotswe.

11. Le pome nama ya ntlha ya dipele tsa lona, mme e tla ba pontsho ya selekane sa ka le lona.

12. Ngwana ya matsatsi a robileng meno e le mmedi hara lona a bolotswe, ba batona kaofela melokong ya lona, ya tswallwang tlung, leha e le ya rekilweng ka tjhelete ho moditjhaba ofe le ofe, eo e seng wa mofuta wa hao.

Genese 17