Genese 16:7-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Lengeloi la Jehova la le fumana pela sediba sa metsi feelleng, sedibeng se tseleng ya Shure.

8. La re: Agare, lekgabunyane la Sarai, o tswa kae, mme o ya kae? A re: Ke balehetse Sarai, mofumahadi wa ka.

9. Lengeloi la Jehova la re ho yena: Kgutlela ho mofumahadi wa hao, o ikokobetse tlasa letsoho la hae.

10. Lengeloi la Jehova la ba la re ho yena: Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa hao haholo, bongata ba tsona bo be bo sitehe ho balwa.

11. Hape, lengeloi la Jehova la re ho yena: Bona, o emotse, mme o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Ishmaele, hobane Jehova o mametse ho hloriswa ha hao.

12. Haele yena o tla tshwana le pitsi e hlaha, letsoho la hae le tla lwantsha bohle, mme letsoho la bohle le tla mo lwantsha, mme o tla aha pontsheng ya banababo kaofela.

13. Yaba o rea Jehova ya buileng le yena lebitso la Atta-Ele-roi (Wena, Modimo, o a mpona), hobane a re: Kanthe le mona ke bone ke se ke bonwe.

14. Ke ka baka lena sediba seo se reilweng Lakai-roi (Sediba sa Mophedi ya mponang); bonang, se pakeng tsa Kadeshe le Barede.

15. Agare a tswalla Abrame mora, mme Abrame a rea mora wa hae, eo a mo tswaletsweng ke Agare, lebitso la Ishmaele.

16. Mohla Agare a tswallang Abrame Ishmaele, dilemo tsa Abrame di ne di le mashome a robileng meno e mmedi a metso e tsheletseng.

Genese 16