Genese 16:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Sarai, mohatsa Abrame, o ne a sa mo tswalle bana, empa o ne a na le lekgabunyane le tswang Egepeta, le bitswang Agare.

2. Sarai a re ho Abrame: Bona hle, Jehova o ntlhokisitse pelehi; ako kene ho lekgabunyane la ka, ekaba ke tla fuwa bana ka yena. Abrame a dumela lentswe la Sarai.

3. Yaba Sarai, mohatsa Abrame, o nka Agare, Moegepeta, lekgabunyane la hae, ho se ho le dilemo tse leshome Abrame a aheletse lefatsheng la Kanana, mme a mo neela Abrame, monna wa hae, hore e be mosadi wa hae.

4. Abrame a kena ho Agare, mme a emola; mme eitse ha a bona hoba o emotse, mofumahadi wa hae a nyediseha mahlong a hae.

5. Yaba Sarai o re ho Abrame: Nyediso ya ka e wela hodimo hao! Ke neetse lekgabunyane la ka sefubeng sa hao, mme ke mona, ha le bona hoba le emotse, nna ke nyediseha mahlong a lona. Jehova a ahlole mahareng a ka le wena!

6. Abrame a re ho Sarai: Bona, lekgabunyane la hao ke lena, le diatleng tsa hao, o le etse kamoo o ratang kateng. Yaba Sarai o a le hlorisa, la ba la mo balehela.

7. Lengeloi la Jehova la le fumana pela sediba sa metsi feelleng, sedibeng se tseleng ya Shure.

8. La re: Agare, lekgabunyane la Sarai, o tswa kae, mme o ya kae? A re: Ke balehetse Sarai, mofumahadi wa ka.

9. Lengeloi la Jehova la re ho yena: Kgutlela ho mofumahadi wa hao, o ikokobetse tlasa letsoho la hae.

Genese 16