Genese 15:9-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Yaba Jehova o re ho yena: Nkukele sethole se lemo tse tharo, le podi e tshehadi e lemo tse tharo, le pheleu e lemo tse tharo, le leebakgorwana, le leeba.

10. Yaba o mo nkela tsona kaofela, a di kgekgetha kalehare, a bea mokgekgetho o mong malebana le o mong; empa dinonyana tsona a se ke a di kgekgetha.

11. Mme eitse ha manong a tsubellela dinameng, Abrame a a tshosa.

12. Yare ha letsatsi le ya dikela, boroko bo boholo ba tshwara Abrame, mme bona, botshabeho jwa lefifi le leholo jwa mo wela hodimo.

13. Yaba o re ho Abrame: Tseba hoba ditloholo tsa hao e tla ba bajaki naheng eo e seng ya bona, mme e tla ba bahlanka, mme ba tla tujwa ka dilemo tse makgolo a mane.

14. Empa setjhaba seo ba tla beng ba se sebeleditse, ke tla se ahlola, mme kamorao ba tla tswa teng ba na le maruo a maholo.

15. Haele wena, o tla orohela ho bontatao ka kgotso, o epelwe ha o se o hodile ho hotle.

16. Empa bona ba tla kgutlela kwano ka leloko la bone, hobane ho fihlela moo, bokgopo jwa Baamore bo ya be bo eso ho tlale.

Genese 15