Genese 15:3-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Abrame a ba a re: Bona, ha o a nnea lesika, mme jwale ya tswaletsweng tlung ya ka e tla ba mojalefa wa ka.

4. Yaba ke moo lentswe la Jehova le fihlang ho yena, la re: Enwa a ke ke a ja lefa la hao, empa ya tlang ho tswa lethekeng la hao, ke yena ya tlang ho ja lefa la hao.

5. A ntoo mo isa kantle, a re: Lelala jwale, o tadime mahodimo, o bale dinaledi, ha ekaba o ka di bala. Yaba o re ho yena: Ditloholo tsa hao di tla ba kalo.

6. Yaba o dumela Jehova, mme Jehova a mmalla ho dumela ha hae hore ke ho loka.

7. A ntoo re ho yena: Ke nna Jehova ya o ntshitseng Ure wa Kalde, ke tle ke o fe lefatshe lena, e be lefa la hao.

8. Mme a re: Morena Jehova, ke tla tseba kang hoba ke tla le rua?

Genese 15