7. Ba ba ba kgutla, ba tla Ene-Mishpathe, ke ho re, Kadeshe, ba qhala Baamaleke le Baamore ba ahileng Hatsatsone-Thamare, naheng yohle ya bona.
8. Yaba ho tswa morena wa Sodoma, le morena wa Gomora, le morena wa Adama, le morena wa Tseboime, le morena wa Bela, ke ho re, wa Tsoware, mme a laola makgotla a wona lehwatateng la Sidime;
9. a re a lwantsha Kedorlaomere, morena wa Elame, le Tideale, morena wa Gojime, le Amrafele, morena wa Shineare, le Arioke, morena wa Ellasare: marena a mane a lwantsha marena a mahlano.
10. Lehwatata la Sidime le ne le na le mekotikoti ya bitume, mme eitse ha marena a Sodoma le a Gomora a baleha, a wela ho yona, mme ba phonyohang ba balehela thabeng.
11. Yaba ho hapjwa maruo wohle a Sodoma le a Gomora, le dijo tsohle tse teng, ha kgutlwa.
12. Ha nkwa le Lota, mora moena Abrame, ya neng a ahile Sodoma, le maruo a hae kaofela, ha tsamauwa.
13. Yaba ho fihla mobalehi e mong, a bolella Abrame, Moheberu, ya ahileng dieikeng tsa Mamre, Moamore, ngwanabo Eshkole le Anere, ba neng ba ena le selekane le Abrame.
14. Eitse ha Abrame a utlwa hoba ngwanabo o tshwerwe, a phalla le batho ba hae ba hlakisitseng ba makgolo a mararo a leshome le metso e robileng meno e mmedi, ba tswaletsweng ka tlung ya hae, mme a ba tebela, a ba a fihla Dane.
15. Yaba o arola makgotla a hae, a ba patela bosiu, yena le bahlanka ba hae, a ba hlola, a ba tebela ho isa Khoba, ka ho le letshehadi ho Damaseka.
16. A kgutla le maruo kaofela; a ba a kgutla le Lota, ngwanabo, le maruo a hae, a ba a tla le basadi le batho.
17. Yaba morena wa Sodoma o tswa ho ya mo kgahlanyetsa, ha a kgutla, a se a hlotse Kedorlaomere le marena a neng a na le yena; mme a mo fihlela lehwatateng la Shave, ke ho re, lehwatata la morena.